{BOHA}Meyara o motjha ya sa tswa kgethwa wa Masepala wa Rustenburg Thabang Rampou, o itlamme ho etella pele tsamaiso e se nang bobodu dilemong tse hlano tse tlang. Rampou ke setho sa ANC#SABCNews#SABCNews.
{BOHA}Mopresidente Cyril Ramaphosa o ne a araba dipotso Lekgotleng la Naha la DiProfense NCOP thapameng ena, moo a buileng ka katleho diphetoho tsa moruo le ho arabela dipotso ka diketso tsa dikgoka kgahlano le basadi le bana. i#SABCNews#SABCDitaba
{BOHA}Baetapele, metswalle, ba lelapa le batshehetsi ba ile ba bokana Kerekeng ya Roma e Rivonia, Johannesburg, ho fana ka tlotla ya ho qetela ho Motlatsi wa Mopresidente wa mehleng, Ngk. Phumzile Mlambo-Ngcuka kajeno#SABCNews#SABCDitaba
{BOHA}Ho ntshetsa taba ena pele re buisana le letona la Sesole Mme Angie Motshekga, ya sebeditseng le Ngk Mlambo-Ngcuka mmusong le mokgeng wa ANC. #SABCNews#SABCDitaba
{BOHA}Ho sa le jwalo....Melaetsa ya matshediso e ntse e kena kamora ho hlokahala ha motlatsa mopresidente wa pele wa mosadi wa Afrika Borwa ngaka Phumzile Mlambo-Ngcuka. #SABCNews#SABCDitaba...
{BOHA}Mopresidente ya tshwareng mokobobo Paul Mashatile, o tshebahaditse hore motlatsi wa mehleng wa Mopresidente Phumzile Mlambo-Ngcuka, o tla fumana tshebeletso ya lepato la mokgahlelo wa pele. #SABCNews#SABCDitaba...
Motlatsi wa mopresidente wa pele wa mosadi Afrika Borwa, Phumzile Mlambo-Ngcuka, ya hlokahetseng maobane, o hopolwa ka kabelo ya hae ntshetsopeleng ya naha le boemong ba matjhaba.
{BOHA}Letona la lefapha la ditaba tsa selehae, Ngaka Leon Schreiber, le phatlaladitse makala a mang a dibanka a tla qala ho fana ka ditshebeletso tsa ho etsa dikopo tsa dipassport, bakeng sa baahi ba Afrika Borwa ba dilemo tse 18 ho ya hodimo#SABCNews#SABCDitaba
{BOHA}Letsholo la ho batlana le ngwana emong wa Soweto ya dilemo di 11, le emisitswe kajeno ka lebaka la maemo a sa jeseng ditheohelang a lehodimo.
Anqobile Jiyela wa Dobsonville o nyametse ka nako ya dikgohola tse matla tsa maobane#SABCNews#SABCDitaba
{BOHA}Ditho tse sa kgotsofalang tsa South African Communist Party (SACP) ka hara Mmasepala wa Moses Kotane, profinseng ya North West, di hanyetsa lenane-kgetho la mokga bakeng sa ditulo tse nne tsa baemedi ba mokga ka hara lekgotla la masepala. #SABCNews#SABCDitaba
{BOHA}ActionSA , ANC, EFF le MK Party di bile le ditherisano tsa Puso ya Kopanelo kajeno Gauteng. Mekga ena e dumetse hore ditherisano ke tse kgothatsang #SABCNews#SABCDitaba
{BOHA}Mopresidente Cyril Ramaphosa o dumela ha diphetoho tsa theknoloji di tlo ntlafatsa moruo, diindasteri, le bophelo ba baahi ka kakaretso. #SABCNews#SABCDitaba
{BOHA}Mopresidente Cyril Ramaphosa o fane ka temoso e matla ya hore bofuma bo amoha dimilione tsa Ma-Afrika Borwa tokelo ya motheo ya ho fumana toka#SABCNews#SABCDitaba
{BOHA}Komiti ya Naha ya Phethahatso ya ANC e tshwere kopano e ikgethang kajeno Boksburg, ho tshohla bokamoso ba tshebedisano mmoho le DA#SABCNews#SABCDitaba
{BOHA}Modulasetulo wa Ntlo ya Palamente ya Naha Cedric Frolick o re ha ho bonahale setshwantsho sa molao wa taolo ya puso ya kopanelo bomasepaleng, se tla be se tjhaelletswe monwana, pele ditherisano di phethelwa#SABCNews#SABCDitaba
{BOHA}Vusimuzi Cat Matlala o re bafuputsi ba Lekala le Diphuputso le kgahlano le bobodu eleng IDAC, ba mo bolelletse hore ba mo tshwere hore ba tle ba tshware mokgenerale Fannie Masemola, Dumisani Khumalo le Nhlanhla Mkhwanazi#SABCNews#SABCDitaba