REA u boka, Morena
Re ntse re thabela uena
Re sa phela hamonate
Ka paballo ea hao Ntate
Re pholositsoe ka mohau
Ka lineo tsohle tsa hao
Reko la hao le leholo
Le re thabisitse pelo
U re nee ho thabela
Tsee u li ratang kaofela
Thato ea hao e phethehe
Bana ba hao ba khethehe. 🙏🏽
Leha nka tlisa gauda
Tsa lefatše kaofela
Ha di na ho tadingoa
Ha di na ho ntopolla
Ke tla ke tšepa uena
Ke se ke ka timela
Ke se ke tla tsamaea
Eto la ho qetella
Pel'a hao ha ke fihla
U se ke ua nteleka
Uena, lefika la ka
Ke tšabetse ho uena.
#DTS:268