Tlo, Moea o Halalelang
Moe’a ‘nete, oa cheseho
Kena lipelong tse batang
Li tukisoe ka lerato!
U re etele, Mohloeki
Ka lineo tsa ho uena
U romiloe ke ‘Moloki
Ho tla re abela tsona.
Katjeno, u re thabise
Ka tšepo le ka tumelo;
Matl`a hao a re nchafatse
Pelo, moe’a le kelello!
U hlahise ka ho rona
Lerato, khotso le mohau
Re beisoe litholoana
Tse loketseng bana ba hao!
Re be joale ka lifate
Tse hlomiloeng pel’a metsi,
Re nosetsoe, Moe’a Ntate
Ka matsatsi le matsatsi. 🙏🏽
-Lifela Tsa Sione no. 60
Amen 🙏🏽
Rea u boka, Morena
Re ntse re thabela uena
Re sa phela hamonate
Ka paballo ea hao, Ntate.
Re pholositsoe ka mohau
Ka dineo tsohle tsa hao
Reko la hao le leholo
Le re thabisitse pelo.
Khanna joale bana ba hao
Ba ee ka taba tsa molao
E be joko e bobebe
E sikaroang ka sebete.
U re nee ho thabela
Tsee u di ratang kaofela
Thato ea hao e phethehe
Bana ba hao ba khethehe.
-Lifela Tsa Sione no. 12
"I will praise the LORD all my life; I will sing praise to my God as long as I live." 🙏🏽
- Psalms 146:2
Morena, U ba etele
Bana bohle ba lefifi
Lesedi le ba chabele
Ka bophara ba lefatše.
Bophelo ke uena feela
Empa batho ha ba tsebe!
Ba lahlehetsoe ke tsela
Ba khelositsoe ke sebe.
Talima bomalimabe
Joa ba sa tsebeng thapelo
U ba romele liabi
Tsa litaba tsa bophelo. 🙏🏽
-Lifela Tsa Sione no. 79
Word of the day:
You need to see yourself, the way God sees you. The reason why you’re afraid of putting yourself out there.. is because you’re too worried about what people think and what they’ll say.
God sees a powerful individual who is capable of achieving so much more.. because you are made in His image.
Ke sikiloe ke Jesu
Ke dutse ho eena;
Fubeng sa hae kajeno
Kea khatholoha.
Ke apere lerato
Ka matsatsi 'ohle,
Che, ha ke tsohe letho
Ke bolokehile.
Ke sikiloe ke Jesu
Ke dutse ho eena;
Fubeng sa hae kajeno
Kea khatholoha. 🙏🏽
-Lifela Tsa Sione 323 #HappyNewYear2025
Rea u boka, Morena
Re ntse re thabela uena
Re sa phela hamonate
Ka paballo ea hao, Ntate.
Re pholositsoe ka mohau
Ka dineo tsohle tsa hao
Reko la hao le leholo
Le re thabisitse pelo. 🙏🏽
-Lifela Tsa Sione no. 12
Lona ba ratang ho phela
Mohlapeng oa Jesu,
Hopolang tsietsi tsa tsela
E isang ha eso!
Ke ‘mila o mosesane
O hakang maoatla;
Le khoro e patisane,
E kenoa ka matla.
Nonyana di na le matlo
Di dula monateng
Ha ho moo hloho ea Jesu
E ka sameloang teng. 🙏🏽
-Lifela Tsa Sione no. 200
Seli la ka, mponesetse tsela
Ke tsamaee
Ho lefifi, hape ho sebaka
Ntsamaise!
Ha u le teng, ha ke batle tsebo
Ea ntho tsohle, uena, u ntekane.
Khale ke ne ke sa u lakatse
Ka ithata
Ke ne ke re ke ‘na ea bohlale
Ka itšepa
Empa joale ke ntse ke itšaba
Se hopole boikhantšo joa ka!