NA NGOANA HAO O QETILE LIENTE? Ho fumana lintlha ka botlalo mabapi le lits’ebeletso tsa bana tsa liente, etela setsi sa bophelo se haufi le uena kapa u kopane le mosebeletsi oa tsa bophelo motseng. Nka khato, isa ngoana lienteng! #RoutineVaccine#PhelaVaccinate#PSILesotho
NA NGOANA HAO O QETILE LIENTE?
Ts’ireletsa ngoana oa hao ka ho mo isa lienteng tse thibelang mafu a bosea. Liente tsohle li bolokehile, ‘me litla morao tsa tsona ke tse laolehang (joaloka bohloko moo ho entuoeng le mocheso oa nakoana).
#RoutineVaccine#Entangoana#PSILesotho
Na ngoana oa hao o ts’irelelitsoe khahlanong le mafu ka liente?
Ntate, ‘Me kapa Mohlokomeli, ho sa khethe tumelo kapa moetlo oa hau, ke boikarabello ba lelapa lohle ho bona hore ngoana oa lona o fumana liente ka nepo.
#RoutineVaccine#Vaccinateyourchild#Entangoana#PSILesotho
U NO TSEBA?
Ke tokelo ea hau ho tseba le ho fumana litšebetso tsohle tse thibelang le ho theola sekhahla sa tšoaetso ea HIV.
Nka khato ho itšireletsa le ho sireletsa ba lelapa le Sechaba sa heno khahlanong le tšoaetso tse ncha tsa HIV.
#VMMC#PrEP#PSiLesotho
Embrace Unified Prevention, the role of VMMC, PrEP, STIs screening and treatment, Condom use. Take charge of your health and future.
#PrEP#VMMC#PSiLesotho
HIV Test, PrEP, Condoms, SRH le tse ling li teng ho u fa tsebo le ho etsa khetho e nepahetseng ho u sireletsa
khahlanong le ts’oaetso tse ncha tsa HIV.
Atamela setsing sa Bophelo se haufi kapa ts’ebeletso tsa metseng ho fumana lits’ebeletso.
#PrEP#SRH#VMMC#PSiLesotho
Ha u le mme ea anyesang, hopola ho ea lefapheng la tsa thero ea malapa ha u le setsing sa bophelo, bakeng sa tataiso litabeng tsa ho thibela bokhachane bo sa reroang nakong ea kanyeso.
#PhelaVaccinate#VaccinesSaveLives#GetVaccinated#PSiLesotho
Bo mme ba mmeleng bakhothaletsoa ho nka liente tsohle tse ba amang, ho kenyelletsa le ente ea thibelo ea tsitsipano ea mmele ka mekhahlelo eohle, le ea Covid-19. Ba khothaletsoa ho nka khato ea ho hlahlobela mafu a likobo le ho fumana kalafo ea ona ho ts’ireletsa maseea a bona.
Lekala la bophelo le khothaletsa bo nkhono le bo ntate moholo ho nka khato ea ho entela lefu la COVID-19, le ho nka ente EA tlatsetso ea COVID-19 ka morao ho likhoeli tse tšeletseng.
#PhelaVaccinate#VaccinesSaveLives#GetVaccinated#PSiLesotho